Ho fihlile tlhokomelong ea Morero oa Competitiveness and Financial Inclusion (CAFI) hore ho na le
lipolelo tse entsoeng lenaneong la seea-le-moea ke ’Majabulane Tjopi, eo e neng e le e mong oa
baiketi ba lekholo ba neng ba tsekisana lesokoana la tšeetso le lithuso tlas’a leano la
Entrepreneurship Hub and Seed Financing Facility (LEHSFF).
Lenaneong leo la Tšenolo FM ka Labobeli, Tjopi, ea nang le khoebo e bitsoang Denolsy Creations, o
itse o hlotsoe ke ho ba e mong oa ba tsoileng khoeleng tlholisanong ka lebaka la ho hloka ponaletso
le mekhoa ea ho khetha e leeme. CAFI e batla ho hlakisa hore taba tsena ke tsa lefofo tse hlokang
’nete.
Tjopi ke e mong oa baiketi ba 20 ba ileng ba kena tlholisanong ea Johane Garments, eo e leng e
’ngoe ea litsi e fanang ka tšeetso (Enterprise Support Organisation kapa ESO). Boipiletso ba Johane
bo ne bo bontšitse hore e hloka khoebo tse thakhohang le tse seng li kene lekoeteng. Tjopi o ile a
fumana boemo ba 16 ho baiketi ba pele ba 20. Sena se etsahetse kamor’a tlhahlobo e tebileng e
entsoeng ke lekhotlana la litsebi tsa ESO. Ho latela melaoana e tsebisitsoeng baiketi bohle nakong eo
ho neng ho fanoa ka litsebiso tsa tsamaiso ea tlholisano, Johane e entse tlhahlobo e khethehileng ho
fumana bahloli ba leshome ba kaholimo-limo. Ha ho n’o ka fumanoa moiketi le a mong ea sa
khotsofatseng hantle ho bana ba leshome, moiketi ea kapelepele tlhahlamanong kamor’a khetho ea
bao ba leshome e n’e le eena ea lokeloang ke ho fumantšoa monyetla oa pele oa tlhahlobo eo e
khethehileng. Tlhahlobo ena e khethehileng e n’e reretsoe ho netefatsa hoo moiketi a itlammeng ka
hona sethathong ha ho etsoa likopo le boiketi ba pele le nakong ea maipolelo.
Tjopi o qalile ka ho atamela LEHSFF ka boipelaetso ba likhetho eaba o eletsoa ho ea ho Johane moo a
ileng a fumana litlhalosetso tsa mokhoa oa ho khetha teng.
Hamorao o ile a ngola lengolo la boipelaetso ho bookameli ba morero, fela eaba o fana ka lehlakore
la hae ho seea-le-moea sa Tšenolo FM pele a ka kopana le bookameli ba morero ho tšohla litaba tse
lengolong la hae le bona pele.
O ile a hlalosetsoa methati e nkuoeng ha ho etsoa khetho ea bahloli kopanong e latelang eo ea pele
le baokameli empa a ’na ikhethela ho ipelaetsa ka hore o tšoanela ho ba har’a bahloli.
CAFI e ikholisitse hore ho sebelisitsoe methati e nepahetseng ha ho tla etsoa khetho le hore moiketi
ka mong o fuoe monyetla ka mokho’o senang leeme. ESO e ileng ea tsamaisa boiketi e tsamaile
methating e nepahetseng, e nang le ponaletso e ileng ea lateloa ke tšeetso le thuto e neng e ba
lokisetsa katleho boitlamong boo ba bo entseng ba mantlha.
Morero ona oa CAFI oa oa boleng ba US$52.5 million o tšehelitsoe ke Banka e Kholo Ea Lefatše
(World Bank) le ’Muso oa Lesotho. CAFI e thehiloe holima litšiea tse tharo tse itšehelitseng ka
botsona: Ntlafatso ea Thuso Tsa Lichelete le Tiiso ea Likhoebo tse nyenyane, Kholiso ea Tšeetso Ea
Likhoebo tse akhang tse nyenyane le Tšeetso ka Botsebi Ba ho tsamaisa Khoebo.
CAFI engage journalists
The government’s Competitiveness and Financial Inclusion (CAFI) project held a